Profits (Maize) (935 words)								Sesotho



Ho eketsa boleng – na ho ka eketsa phaello?



Instructions: 

Folio strap: Ho eketsa boleng

Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Mosebetsi wa keketso ya boleng ka nako e nngwe ke o atlehileng ho balemi mabapi le ho eketsa phaello ya bona le ho boloka temo ya bona e le maemong a hlwahlwa. Ka bokgutshwanyane, ho eketsa boleng kapa “keketso ya boleng” ke ho eketsa boleng tlhahisong e etswang.



Ho eketsa boleng ke eng?

Ho eketsa boleng dijothollong ho bolela ho kena ka setotswana lethathamong la ho sebetsana le tlhahiso temong ka mokgwa o itseng. Sena hangata se hloka hore molemi a tsetele mesebetsing e meng e kenyelletsang ho eketsa thuso ya matsoho ka ho hira, kapa ho reka disebediswa tse ding. Mona ho hlokahala hore dintho di etswe ka hloko ho nnetefatsa hore phaello e ba teng ha mosebetsi wa ho eketsa boleng o se o entswe. Ho feta mona, mehato ena e se ke ya etswa hang feela – ditheko tse tswileng taolong hammoho le mebaraka e dulang e fetoha ke dintho tse etsang hore meralo eo motho a e entseng e dule e fetoha hoo ka nako tse ding mosebetsi ya keketso ya boleng o bang le kuno e itseng, mme ka nako tse ding ho se be jwalo.

 

Hobaneng ha balemi ba tshwanetse ho ikamahanya le mosebetsi wa keketso ya boleng?

Hangata balemi ke baamohedi ba ditheko, eseng balaodi ba ditheko. Sena se bolela hore bareki ke bona ba laolang ditheko, mme balemi ha ba na matla a ho rekisa ka ditheko tseo ba di batlang. Qetellong ya ditaba, balemi ba tlameha ho batla mekgwa e kgonahalang, eo ba ka unang boleng ba dijothollo tsa bona hoba di tlohe masimong a bona. Sena ba ka se etsa ka ho boloka le ho hlokomela mosebetsi wa tlhahiso masimong le dibakeng tseo ba leng ho tsona ka moo ba ka kgonahalang ka teng hore ba etse phaello.



Keketso ya boleng pooneng

Ditheko tsa jwale tsa 2010 tsa poone di putlame haholo, mme balemi ba poone ba tshwanetse ho nahana ka mekgwa ya ho ntlafatsa kuno ya bona ya dijothollo. Mohlala, ho ka meralo e ka thusang motho ho tseba bokgoni ba phaello ka ho kenyelletsa boleng tshilong ya poone e reretsweng ho etsa phofo ya poone.

 

A ke re etseng moralonyana, mme re nke hore tone e le nngwe ya poone e tshweu e ka rekiswa ka R1 000,00. Bakeng sa ho rekisa tone ena ya poone ho batho ba selehae, monghadi Molemi a ka etsa hore poone ya hae e tshweu e be phofo e ka jewang ke batho. Hona a ka ho etsa ka hore yena ka boyena a e sile lelwaleng la hae, kapa a e ise lelwaleng le haufi moo e ka silwang teng, mme ebe hamorao o iphumanela phofo e seng e kentswe dipaketheng.

 

Mokgwa wa pele

Monghadi Molemi a ka nahana ka menyetla ya nako e telele ya ho itshilela poone polasing ya hae, le ho ba Ralelwala ka boyena. O tshwanetse ho nahana ka tse latelang:

Na o na le sebaka polasing ya hae kapa o tshwanetse ho hira sebaka?

Ke melao efe ya bophelo bo botle eo a tla tshwanela ho ikamahanya le yona, mme seo se tla mo ja bokae?

Ke disebediswa dife tseo a tla di hloka, le hore na seo se tla mo fetohela molemo nakong e telele, mohlala, malwala, dikala, diboro, metjhine e tswakang, le metjhine e rokang mekotla, jwalojwalo?

Ke ditshelo dife tse tla hlokahala, mme mekotla eo a ka e fumana hokae?

Ditshenyehelo e tla ba dife tsa mekgabiso ya logo, dileibole le ditempe?

Na o tla hloka basebeletsi ba nako e telele?

Mmaraka wa phofo ya poone o tla ba hokae?



Re tshwanetse ho hlokomela hore ona ke mosebetsi wa nako e telele o qobellang Monghadi Molemi mosebetsing wa tshilo ya poone. 



Mokgwa wa bobedi

Mokgwa o mong hape ke wa hore Monghadi Molemi a nke poone ya hae, a e ise lelwaleng le haufi moo e ka silwang hore e be phofo ya poone. Mokgwa ona o bolela hore a ka kgetha ho etsa tjena ha ditheko tsa poone di putlame haholo hoo a batlang ho fumana mokgwa wa ho matlafatsa phaello ya hae dijothollong tsa hae, kapa a ka rekisa poone ya hae e ntse e le jwalo haeba ditheko tsa mmaraka di kgotsofatsa. Hona ha ho hloke matsete a ditjhelete, mme ho fupere monyetla wa keketseho ya boleng. Molemi e mong le e mong o sa ntse a tshwanetse ho ja masapo a hloho ho ya ka tikoloho eo a leng ho yona.



Monghadi Monga Tshilo (Ratshilo) o entse moralo wa hae, mme a fumana hore sekgahla sa ditjeo tsa hae kgweding ya Motsheanong se tla ema tjena: 

20% ya tahlehelo hobane theolelo ya dihlahiswa tsa tlatsetso tsa bran le harmony di bolokwa ke Monghadi Monga Thepa e le karolo ya lekgetho la tshilo.

Sena se bolela hore ke tla fumana 800 kg ya phofo ya poone ho 1 000 kg ya poone ya ka.

Ho sa boetse ho na le R320 ya tlatsetso, e leng ya lekgetho mabapi le ditshebeletso tseo Monghadi Monga Tshilo a fanang ka tsona.



Moralo ona o shebahala tjena:

Tone tse 1 000 tsa poone - 20% tahlehelo tshilong (200 kg theolelo ya bran le harmony) = 

800 kg phofo ya poone FEELA 

Empa 800 kg ya phofo ya poone mekotleng ya boholo bo nepahetseng eo ke e hlokang, eo ho yona ke kopang Monghadi Monga Lelwala hore a e kenye mekotlaneng, e ka rekiswa bonyane ka sekgahla sa jwale sa R2,20 kg mokotla ka mong.



Phofo ya poone – 800 kg x R2, 20/kg 				= 		R1 760 

Tlosa lekgetho la tshilo						= 		R   320

Kontane pokothong ho tswa toneng ya poone			=		R1 440

Monyetla keketsong ya boleng toneng ka nngwe 		=		R   440 



Menyetla e sa le mengata mokgweng ona:

Tshebetso ya selehae ya ikonomi e a matlafatswa;

Molemi o fumana monyetla mmarakeng o moholwanyane;

Menyetla ya ikonomi mahaeng; le

Ho thehwa mesebetsi selehaeng.



Ho sa na le mekgwa e mengata e ka sebediswang mabapi le keketso ya boleng. Na ho na le molemo wa letho mabapi le ho sebedisa poone ya Monghadi Molemi phepong ya ditsuonyana, dikolobe, dinku kapa dikgomo? Melemo ke efe ho balemi ba poone haeba ho kgothaletswa indasteri ya poone-ethanolo? Na Monghadi Molemi o tla fumana tjhelete e ngatanyana mabapi le dijothollo tsa hae tsa poone qetellong ya lethathamo la keketso ya boleng leo a keneng ho lona? Re tla ke re shebisise haholwanyane tse ding tsa ditshebetso tsena haufinyana. 



